BIBELE

Esekiele 31:12-18 BIBELE (SSO89SO)

12. Baditjhaba ba sehloho ho feta ba bang ba tla e rema, ba e tlohele hona moo. Mahlaku a yona a tla wela hodima dithaba le ka dikgohlong, makala a yona a robehele ka dinokeng tsohle tsa naha eo. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla tloha moriting wa yona, di ikele.

13. Dinonyana tsohle tse fofang di tla sala sefateng seo se robehileng, dibatana tsohle tsa naha di sale hara makala a sona.

14. Ka baka leo, ha ho sa tla ba le sefate sefe kapa sefe se metseng pela metsi se tla iphahamisa haholo, kapa se tla tswa ka mahetla hara mahlaku a teteaneng. Ha ho sefate se nwesetswang hantle se tla ke se be selelele hakaalo, hobane tsohle di a bolawa, di theolelwa ka mpeng ya lefatshe, hara batho ba theohetseng mohohlong.

15. “ <Morena Modimo o bua tjena: Mohla letsatsi leo ka lona kedare ena e neng e epelwa, ke ne ke apese didiba tsohle bofifi, ka kwala mehlodi ya tsona, metsi a tsona a kgaotsa ho phalla. Ka etsa hore Lebanone le yona e llele kedare ena, mme difate tsohle tsa moru tsa omella.

16. Ka etsa hore ditjhaba di thothomele ha di utlwa modumo wa ho wa ha kedare eo, ha ke e lahlela ka lebitleng mmoho le ba theohelang mohohlong. Jwale difate tshole tsa Edene, le tse ntlentle, tse kgahlehang tsa Lebanone, tsohle tse nwesetswang, tse ka mohohlong, di tla thabela ho wa ha kedare eo.

17. Baditjhaba bohle ba neng ba dula moriting wa sefate sena, ba thusana le sona, le bona ba ile lebitleng le sona, ho ba neng ba bolawe ka sabole.

18. “ <Ke sefe sa difate tsa Edene se ka tshwantshwang le wena ka boholo le ka tlotla? Empa o tla theohela lebitleng le difate tsa Edene; o tla rapalla hara maqai le hara ba ileng ba bolawa ka sabole.“ <Enwa ke Faro le setjhaba sa hae sohle, ho rialo Morena Modimo.> ”