BIBELE

Esekiele 27:12-24 BIBELE (SSO89SO)

12. “ <Motse wa Tarashishe wa hweba le wena ka baka la bongata ba matlotlo a hao; thepa ya hao ya kgwebo ba e ananya ka silefera le tshepe le lekapa le loto.

13. “ <Jafane le Tubale le Mesheke le tsona tsa hweba le wena; tsa ananya thepa ya hao ka makgoba le ka dintho tse entsweng ka lethose.

14. “ <Ba morabe wa Togarema ba ananya thepa ya hao ka dipere tse palangwang le tsa ntwa le ka dimmeile.

15. “ <Banna ba Dedane ba ne ba hweba le wena; le ba dinaha tse mabopong a lewatle ba ne ba hweba le wena, ba o lefa ka manaka a tlou le ka mapolanka a motsweri.

16. “ <Baarame le bona ba ne ba hweba le wena ka baka la bongata ba thepa eo o neng o e etsa; ba ananya thepa eo ya hao ka majwe a bohlokwa a matala, le ka masela a perese, le a homilweng, le ka lene e ntle, le ka dikgetla, le ka majwe a bohlokwa a mafubedu.

17. “ <Ba morabe wa Juda le Baiseraele ba ne ba hweba le wena, ba ananya koro e tswang Minete, le phofo le mahe a dinotshi, le ole, le ditlolo ka thepa ya hao.

18. “ <Ka baka la bongata ba thepa ya hao le ba matlotlo a hao, Damaseka le yona e ne e hweba le wena, mme e ananya thepa ya hao ka veine e tswang Helebone, le boya ba dinku bo tswang Sahare.

19. “ <Baahi ba Dane le ba Jafane ba tswang Usale, ba ne ba reka thepa ya hao, ba e ananya ka tshepe le ka dinoko le ka ntshwe.

20. “ <Dedane e ne e hweba ka ditleleki.

21. “ <Maarabia le mahosana a Kedare a ne a hweba le wena, a o rekisetsa dikonyana le dipheleu le dipodi.

22. “ <Bahwebi ba Sheba le ba Rama ba ne ba hweba le wena, mme thepa ya hao ba e ananya ka dinoko tse monko o monate, le ka majwe a bohlokwa, le ka kgauta.

23. “ <Ba tswang Harane le Kane le Edene, le bahwebi ba Sheba le ba Ashure le ba Kilemade, ba ne ba hweba le wena.

24. Batho bana ke bona ba neng ba hweba le wena ka dintho tse ntlentle: ka masela a maputswa le a homilweng, le ka diaparo tse ntle, tse mebalabala, tse nang le difoofo.