BIBELE

Esekiele 27:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:

2. “Wena ngwana motho, binela Tire kodi-ya-malla.

3. Bolella Tire, o re: <Wena ya dutseng dikoung tsa lewatle, ya hwebang le ditjhaba tse ahileng mabopong a lewatle, Morena Modimo o bua tjena:“ <O ile wa ikalatisa, wa re:“Botle ba ka bo hloka sekodi!”

4. Meedi ya hao e hara mawatle,bahahi ba hao ba ritile botle ba hao.