BIBELE

Esekiele 24:6-19 BIBELE (SSO89SO)

6. “ <Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena:“ <Ho madimabemotse o tshollang madi,o kang pitsa e tletseng mafoome,pitsa e sa ke be e falwe!Tshola maqa a ka pitseng,o a tshole ka bonngwe,o a tshole o sa a laole ka lotho.

7. “ <Motseng ona madi a ne a tshollwe,a tshollelwa hodima lefika,a se ke a tshollelwa fatshe,fatshe moo a neng a ka monyela.

8. Ho tsosa kgalefo le boiphetetso ba ka,ke ile ka a tlohela hodima lefika,moo a neng a ke ke a pateha.

9. “ <Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena:“ <Ho madimabemotse o tshollang madi,ke tla o rwallela hlaba ya patsi!

10. Bokella patsi o e hotetse,pheha nama o e butswise,o tjhese moro, le masapo a tjheswe.

11. Bea pitsa e feela hodima mashala,e be e tjhese,those la yona le tlerefale,ditshila tsa yona di qhibidihe kahare,mafoome a yona a tjheswe ke mollo.

12. Matsapa wohle a lekilwe, a hlotswe,e kganathetse mafoome,a hana ho tloha,ke mollo feelao ka tsebang ho a tlosa.

13. “ <Ditshila tsa hao ke bokgopo, hobane ke lekile ho o hlwekisa, empa ditshila tseo tsa hao ha di a ka tsa tloha. O ke ke wa hlola o hlweka ho fihlela kgalefo ya ka e kokobela.

14. “ <Ke nna Morena ya buileng. Nako ya hore ke nke bohato e fihlile, nke ke ka o utlwela bohloko, leha e le ho o hauhela. O tla ahlolwa ho ya ka boitshwaro ba hao le diketso tsa hao, ho rialo Morena.> ”

15. Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:

16. “Wena ngwana motho, ka ho panya ha ntshi ke tla o amoha mosadi wa hao, e leng moratuwa wa hao e moholo. Leha ho le jwalo o se ke wa lla, kapa wa bokolla, kapa wa keleketla dikeledi.

17. O fehelwe o ntse o kgutsitse, o se ke wa llela bafu. O nne o rwale moqhaka wa hao hloohong ya hao, le meqathatso ya hao maotong, o se ke wa kwahela ditedu tsa hao kapa wa ja dijo tse etseditsweng ba bofifing.”

18. Kahoo ka bua le setjhaba hoseng, mantsiboya mosadi wa ka a hlokahala. Ka la hosasane ka etsa kamoo ke neng ke laetswe kateng.

19. Yaba setjhaba se a mpotsa, se re: “Na o ka re hlalosetsa hore na dintho tsee tseo o di etsang di re supisa eng?”