BIBELE

Esekiele 24:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya leshome selemong sa borobong, lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:

2. “Wena ngwana motho, ngola letsatsi lena, le yona nako ena, hobane ka lona letsatsi lena, kgosi ya Babilona e tla etsetsa Jerusalema thibella.

3. Bolella ba ntlo ena ya bafetohedi papiso ena, o re ho bona: <Morena Modimo o bua tjena:“ <Bea pitsa ifo,e bee ifo, o e tlhadihele.

4. Pheha nama ka yona,o phehe nama e nonneng,nama ya serope le ya sephaka,o phehe le mashwetla a yona;