BIBELE

Esekiele 23:9-16 BIBELE (SSO89SO)

9. “Ka baka lena, ke ile ka neelana ka yena matsohong a baratuwa bao ba hae ba Baasiria, bao a neng a ba tjhatjhehela.

10. Ba ile ba mo tsodisa, ba nka bara le baradi ba hae, yena ba mmolaya ka sabole. O ile a fetoha pale hara basadi, mme kotlo ya mo wela hodimo.

11. “Leha ngwanabo, Oholeba, a bona hona, ditakatso tsa hae tsa tloka ho feta tsa Ohola, le bootswa ba hae ba fetella.

12. Le yena a tjhatjhehela Baasiria ba ahelaneng le yena, e leng babusi le balaodi ba bahlabani, ba apereng tse majabajaba, ba palamang dipere, kaofela ha bona e le bahlankana ba ditjaka.

13. Ka bona hore Oholeba le yena o silafetse; bobedi ba bona ba tsamaya tsela e le nngwe.

14. “Empa a nna a fetella ka bootswa ba hae. A bona ditshwantsho tsa banna ba Bakalatiya leboteng, di entswe ka kgokgotsi.

15. Mathekeng ba ne ba itlamme ka dinyepa, dihloohong ba rwetse dikatiba tse ebeselang, kaofela ha bona ba ne ba ka mahosana a Bakalatiya, matswallwa a Babilona.

16. Hanghang ha a ba bona a ba tjhatjhehela, a ba a romela maqosa ho bona, Babilona.