BIBELE

Esekiele 23:38-49 BIBELE (SSO89SO)

38. Le nna ba nkentse tjena: Ka lona tsatsi leo ba silafaditse Sehalalelo sa ka, ba hlompholla Disabatha tsa ka.

39. Hona mohla ba neng ba etsetsa medingwana ya bohata mahlabelo a setjheso ka bana ba bona, ba ile ba kena ka Sehalalelong sa ka, ba se silafatsa. Sena ke sona seo ba se entseng ka Tempeleng ya ka.

40. “Ba bile ba roma maqosa ho lata banna ba tswang hole, mme ha ba fihla o ile wa ya tola, wa kgabisa dintshi tsa hao, wa nto rwala mabenyane a hao.

41. Wa dula betheng e butshabutsha, kapele ho yona ho beilwe tafole e nang le mokubetso le ole ya ka.

42. “Lerata la letshwele le iketlileng le ne le hlabile hodimo, ho latilwe le matahwa a tswang lehwatateng, ho tla kopana le banna ba motse. Ba fihla ba rwesa mosadi le ngwanabo dipetja matsohong le meqhaka e metle dihloohong.

43. Yaba ke bua ka ya tsofaletseng bohloleng, ke re: <A ba ke ba mo etse seotswa, hobane efela e le sona!>

44. Yaba ba robala le yena, ba robala le basadi bao ba kgopo, e leng Ohola le Oholeba, jwalokaha banna ba robala le mosadi wa seotswa.

45. Empa banna ba lokileng ba tla ba ahlola ka kotlo ya basadi ba difebe le babolai, kahobane ba a feba, mme matsoho a bona a kganathetse madi.

46. “Morena Modimo o bua tjena: Ba bitsetse letshwele le tlo ba tshosa, le be le ba falatse.

47. Letshwele leo le tla ba tlepetsa ka majwe, le ba bolaye ka disabole; le bolaye bara le baradi ba bona, le tjhese le matlo a bona.

48. “Ke tla fedisa bokgopo naheng ena, e le hore basadi ba tle ba hlokomele, esere ba le etsisa.

49. Le tla otlelwa bokgopo ba lona, le jare melato ya dibe tsa lona tsa ho kgumamela medingwana ya bohata. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo.”