BIBELE

Esekiele 23:3-17 BIBELE (SSO89SO)

3. Ba ile ba fetoha diotswa naheng ya Egepeta, ba ineella bootswa ho tloha botjheng ba bona. Naheng eo ditlhoko tsa matswele a bona di ile tsa tsikinyetswa, le difuba tsa bona tsa phollwa.

4. Lebitso la e moholo e ne e le Ohola, moena hae yena e le Oholeba. E ne e le basadi ba ka, ba ileng ba ntswalla bara le baradi. Ohola ke Samaria, Oholeba yena ke Jerusalema.

5. “Ohola o hlile a ineella bootswa e sa le wa ka; a tjhatjhehela baratuwa ba hae, e leng Baasiria ba ahelaneng le yena.

6. E ne e le babusi le balaodi ba bahlabani, ba apere diaparo tse putswa, kaofela ha bona e le bahlankana ba ditjaka, ba palamang dipere.

7. A ineella bootswa le mokgetho wohle wa Baasiria, a itshilafatsa ka medingwana yohle ya bohata, ya e mong le e mong wa bao a neng a ba tjhatjhehela.

8. Ha a a ka a tlohela bootswa boo a bo qadileng Egepeta, ha banna ba ne ba robala le yena a sa le motjha, ba tsikinyetsa ditlhoko tsa matswele a hae, ba tshollela ditakatso tsa bona hodima hae.

9. “Ka baka lena, ke ile ka neelana ka yena matsohong a baratuwa bao ba hae ba Baasiria, bao a neng a ba tjhatjhehela.

10. Ba ile ba mo tsodisa, ba nka bara le baradi ba hae, yena ba mmolaya ka sabole. O ile a fetoha pale hara basadi, mme kotlo ya mo wela hodimo.

11. “Leha ngwanabo, Oholeba, a bona hona, ditakatso tsa hae tsa tloka ho feta tsa Ohola, le bootswa ba hae ba fetella.

12. Le yena a tjhatjhehela Baasiria ba ahelaneng le yena, e leng babusi le balaodi ba bahlabani, ba apereng tse majabajaba, ba palamang dipere, kaofela ha bona e le bahlankana ba ditjaka.

13. Ka bona hore Oholeba le yena o silafetse; bobedi ba bona ba tsamaya tsela e le nngwe.

14. “Empa a nna a fetella ka bootswa ba hae. A bona ditshwantsho tsa banna ba Bakalatiya leboteng, di entswe ka kgokgotsi.

15. Mathekeng ba ne ba itlamme ka dinyepa, dihloohong ba rwetse dikatiba tse ebeselang, kaofela ha bona ba ne ba ka mahosana a Bakalatiya, matswallwa a Babilona.

16. Hanghang ha a ba bona a ba tjhatjhehela, a ba a romela maqosa ho bona, Babilona.

17. Bakalatiya ba tla, ba kena dikobong tsa hae, ba mo silafatsa ka bootswa ba bona. Ha ba se ba mo silafaditse o ile a ba nyonya, a ba a ba furalla.