BIBELE

Esekiele 23:25-35 BIBELE (SSO89SO)

25. Ke tla o halefela haholo, mme le bona ba tla o halefela haholo. Ba tla o shoqola dinko le ditsebe, masalla a hao ba a bolaye ka sabole. Ba tla thopa bara le baradi ba hao, ba tjhese masalla a hao ka mollo.

26. Ba tla o hlobodisa diaparo tsa hao, ba nke le mabenyane a hao.

27. Ka mokgwa o jwalo ke tla fedisa bokgopo ba hao, le bootswa boo o bo qadileng naheng ya Egepeta. Ha o sa tla hlola o bona dintho tsena, leha e le hona ho hlolohelwa Egepeta hape.

28. “Morena Modimo o bua tjena: Ke se ke tla neelana ka wena matsohong a bao o ba hloileng, o ba nyonyang, mme o ba furaletseng.

29. Ba tla o phedisa ka lehloyo, ba o amohe tsohle tseo o itshebeleditseng tsona, ba o siye o tsotse, o le feela, mme dihlong tsa bootswa ba hao di bonahale. Bokgopo le bootswa ba hao

30. ke tsona tse o dihetseng, hobane o ile wa tjhatjhehela baditjhaba, wa itshilafatsa ka medingwana ya bona ya bohata.

31. Kaha o ile wa etsisa ngwaneno, ke tla o nea mohope wa hae letsohong, o o nwe.

32. “Morena Modimo o bua tjena:“O tla nwa mohope wa ngwaneno,mohope o moholo,mohope o mothamo;ba tla o soma, ba o tlepe ditsheho,hoba mohope oo o tletse dikenkeng.

33. O tla nwa mohope wa tshabole wa timelo,mohope wa ngwaneno, wa Samaria,o be letahwa, o be mmaditsietsi.

34. O tla o ngapetsa, o o minyeletse,o o bjaramanye,o o etse maqhetswana;ka maqhetswanao itlepolake matswele.“Nna ke buile jwalo, ho rialo Morena Modimo.

35. “Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Kahobane o ile wa ntebala, wa mphuralla, o tla jara molato wa bohlola ba hao le bootswa ba hao.”