BIBELE

Esekiele 18:14-23 BIBELE (SSO89SO)

14. “Empa ha monna enwa a ena le mora ya bonang dibe tsohle tseo ntatae a di etsang, mme leha a di bona yena a sa di etse:

15. “A sa jele bakeng tsa borapedi,bakeng tse dithabeng,a eso rapelemedingwana ya Iseraele,a eso silafatsemosadi wa monna e mong;

16. a eso ka a hatella motho,a eso batle peeletso ho maodimi,a eso tlatlape mothoa mo tlatlapa ka mahahapa,empa a fepa ba lapilenga ba fepa dijo tsa hae,ba hlobotseng le bona a ba apesa;

17. ya hanang ho etsa bokgopo,ya sa adimanenghore a fumane phaello,kapa hona ho inkela tswala e ngata;ya jwalo o mamela ditaelo tsa ka,le melao ya ka o a e boloka.“A ke ke a shwa ka baka la bokgopo ba ntatae; ruri o tla phela.

18. Ha e le ntatae yena o tla shwa ka baka la bokgopo ba hae, hobane o hateletse ngwanabo, a mo tlatlapa ka mahahapa, a ba a etsa tse mpe hara setjhaba sa habo.

19. “Empa lona le a botsa, le re: <Ke hobaneng ha mora a sa jariswe bokgopo ba ntatae?> Ha mora a entse ho lokileng, ho nepahetseng, a bolokile ditaelo tsa ka, a di phethile, ruri o tla phela.

20. Motho ya etsang sebe ke yena ya tla shwa. Mora a ke ke a jariswa bokgopo ba ntatae, le ntatae a ke ke a jariswa bokgopo ba mora wa hae. Ho loka ha ya lokileng e tla ba ha hae, bokgopo ba ya kgopo le bona e be ba hae.

21. “Empa ha ya kgopo a furalla dibe tsa hae tsohle, tseo a di entseng, mme a boloka melao ya ka yohle, a etsa ho lokileng, ho nepahetseng, ruri o tla phela, a ke ke a shwa.

22. Ditshito tsa hae tsohle, tseo a di entseng, a ke ke a hlola a sa di hopotswa. O tla phela ka baka la diketso tsa hae tse lokileng.

23. Na nna ke thabela lefu la ya kgopo, ho ena le hore a furalle ditsela tsa hae, mme a phele? ho rialo Morena Modimo.