BIBELE

Esekiele 18:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Lentswe la Morena la fihla ho nna hape, la re:

2. “Lona batho, le bolelang ka maele aa, ha le bua ka naha ya Iseraele, le re:“ <Bo-ntata ba jele morara o bodila,jwale meno a bana a a thella>?

3. “Ke a le hlapanyetsa, ho rialo Morena Modimo, le ke ke la hlola le sebedisa maele ana naheng ya Iseraele.

4. Bonang mona, motho e mong le e mong ke wa ka; ntata le yena mora, bobedi ba bona ke ba ka. Motho ya etsang sebe o tla shwa!

5. “Empa ha motho a lokile,a etsa ho lokileng, ho nepahetseng;

6. a sa jele bakeng tsa borapedi,bakeng tse dithabeng,a eso rapelemedingwana ya Iseraele;a eso silafatsemosadi wa monna e mong,kapa a robala le mosadiya nang le lehatlelo;

7. motho ya eso ka a hatella motho,ya buseleditseng moadimi,a mmuseletsa peeletso ya hae,ya eso tlatlape motho,a mo tlatlapa ka mahahapa,empa a fepa ba lapileng,a ba fepa dijo tsa hae,ba hlobotseng le bona a ba apesa;

8. ya sa adimanenghore a fumane phaello,kapa hona ho inkela tswala e ngata;ya hanang ho etsa bokgopo,ya ahlolelang batho a se na leeme;

9. ya mamelang ditaelo tsa ka,melao ya ka a e boloka ka botshepehi;ya jwalo o lokile,ke yena ya tla phela,ho rialo Morena Modimo.

10. “Empa ha motho eo a ena le mora wa senokwane, ya tshollang madi, mme a etsa e nngwe ya tsena,