BIBELE

Esekiele 17:2-20 BIBELE (SSO89SO)

2. “Wena ngwana motho, etsa selotho, mme o phetele ba ntlo ya Iseraele papiso.

3. O re ho bona: <Morena Modimo o bua tjena:“ <Ntsu e kgolo, e mapheo a maholo,a malelele, a thathaletseng,a masiba a mangata, a mebalabala,ya fihla naheng ya Lebanone,ya dula kaleng la kedare,kaleng le hodimodimo.

4. Ya qotha lehlahla le le hodimodimo,ya ya le lona naheng ya bahwebi,ya le hlomakahara motse wa bahwebi.

5. “ <Ntsu ya nka le peo ya naha eo,ya ya e jala mobung wa selokwe,ya e uta pela metsi a nwesetsang,ya e hloma sa lekala la moduwane.

6. Peo ya mela, ya eba fate sa morara,morara wa kakatjhelana,o thathaletseng;makala a wonaa melela hodimo, ho ntsu,metso ya wona ya melela tlase,ya eba morara, makala a mela,a thathalla, a medisa le mahaba.

7. “ <Ho no ena le ntsue nngwe hape e kgolo,e mapheo a maholo,a masiba a mangata;morara wa lebisametso ya wona ho ntsu eo,le makala a wona a lebiswa ho yona,hore e o nwesetseka metsi a mangataho feta kamoo o nwesetswang kateng.

8. Morara o no so hlonngwemobung wa selokwe,o hlonngwe pela metsi,metsi a nwesetsang,hore o tlo medise makala a wona,o a medise, a behe le ditholwana,e be morara wa bohlokwa,o motlemotle.>

9. “Ere ho bona Morena Modimo o bua tjena:“ <Morara o jwalo na o ka atleha?Ha o tlo fotholwa ka metso,tholwana tsa wonadi hlohlorwe, di omelle?Mahaba a wona wohle a tla omella!Ho o fothola ka metsoho tla ba bobebe,ha ho hloke matlakapa letshwele la batho.

10. Ha o hlongwa sethopona o tla atleha?Ha o tlo omella, e be lehohorwana,ha moya wa botjhabelao fokela ho wona?O tla omellela mooo lemilweng teng.> ”

11. Lentswe la Morena la fihla ho nna hape, la re:

12. “Botsa setjhaba sena sa bafetohedi, o re: <Na ha le tsebe se bolelwang ke ntho tsee? Bonang mona, kgosi ya Babilona e ile ya fihla Jerusalema, ya thopa kgosi ya Jerusalema le mahosana a yona, bohle ya ba isa Babilona.

13. E nkile kgosana e nngwe ya madi, ya etsa selekane le yona, ya ba ya e hlapantsha. E nkile le bahlabani ba naha eo,

14. hore mmuso oo o tlo fokole, o sitwe ho e tsohela matla, o tsitse ka ho boloka selekane se ntse se le jwalo.

15. Empa kgosana e ile ya fetohela kgosi ya Babilona, ya romela maqosa a yona Egepeta, ya kopa hore e thuswe ka dipere le ka bahlabani ba bangata. Na kgosana eo e tla atleha? Na ya etsang tse tjee a ka phonyoha? Na a ka senya selekane yaba o a lopoloha?

16. “ <Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo; ruri o tla shwela Babilona, e leng moo kgosi e ileng ya mmea hore e be kgosi e phelang teng, yona kgosi eo a nyedisitseng kano eo a ileng a e etsa le yona, a senya le selekane sa kgosi eo.

17. Esita le Faro, ka lebotho la hae le matla, le ka setjhaba sa hae se sengata, ha a ka ke a mo thusa ka letho ntweng, ha setjhaba sa Babilona se haha marako a thibella le diqhobosheane hore se tle se bolaye batho ba bangata.

18. O nyedisitse kano ka ho senya selekane seo a neng a se hlapanyeditse, a etsa dintho tsena tsohle; kahoo a ke ke a phonyoha.

19. “ <Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Ke a hlapanya, ruri ke tla mo otlela kano ya ka eo a e nyedisitseng, le selekane sa ka seo a se sentseng.

20. Ke tla mo tjhehela leraba le tla mo tshwasa, ke mo ise Babilona, mme hona moo ke mo ahlolele ho se tshepahale ha hae ka ho mphetohela.