BIBELE

Esekiele 17:19-24 BIBELE (SSO89SO)

19. “ <Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Ke a hlapanya, ruri ke tla mo otlela kano ya ka eo a e nyedisitseng, le selekane sa ka seo a se sentseng.

20. Ke tla mo tjhehela leraba le tla mo tshwasa, ke mo ise Babilona, mme hona moo ke mo ahlolele ho se tshepahale ha hae ka ho mphetohela.

21. Baphaphathehi ba hae bohle le mabotho a hae wohle, batho bana kaofela ba tla bolawa ka sabole, masalla a bona a qhalanyetswe hohle lefatsheng, mme le tla tseba hore ke nna Morena ya buileng jwalo.> ”

22. “ <Morena Modimo o bua tjena:“ <Le nna ke tla kgaolakala le hodimodimo,le hodimodimo la fate sa kedare,ke le hlome,ke qothe lehlahlakaleng le hodimodimo,ke le hlome hodima thaba e telele.

23. Ke tla le hloma thabeng,thabeng e phahameng ya Iseraele;le tla mela makala,le behe ditholwana,le hole, e be sefatese kgahlehang sa kedare.Nonyana tsohledi tla hahela makaleng a sona,di dule moriting wa makala a sona.

24. Fate tsohle tsa naha di tla tseba,di tsebe hore ke nna Morena.Fate tse telele ke a di diha,tsa dikakatjhelana tsonake di hodise;tse talana ke di omeletse,tse omeletseng ebe di a tlokoma.“ <Nna Morena, ke buile,mme ke tla etsa jwalo.> ”