BIBELE

Esekiele 16:52-63 BIBELE (SSO89SO)

52. Jara sekgobo sa dibe tsa hao, hobane o entse hore e ka bana beno ba lokile ho o feta. Dibe tsa hao di nyonyeha ho feta tsa bona, hoo ekang ba lokile ho o feta. Ka baka leo, swaba, o hlajwe ke dihlong, hobane o entse hore e ke ba lokile ho o feta.

53. “ <Ke tla boela ke atlehisa Sodoma le baradi ba hae, le Samaria le baradi ba hae; le wena Jerusalema, ke tla o atlehisa,

54. e le hore o tle o jare sekgobo sa dibe tsa hao, o hlajwe ke dihlong, ka baka la tsohle tseo o di entseng ha o ne o ba tshedisa.

55. Ha e le bana beno, e leng Sodoma le baradi ba hae, le Samaria le baradi ba hae, ba tla boela ba eba seo ba neng ba le sona pele; le wena le baradi ba hao le tla boela le eba seo le kileng la ba sona pele.

56. Ha o ne o sa ntsane o ikgohomosa, o ne o sa rate le ho bitsa lebitso la ngwaneno Sodoma,

57. bokgopo ba hao bo eso pepeswe. Empa jwale o tshwana le Sodoma hantle, o fetohile sesomo ho Baarame le ho Bafilesita, esita le ho ba ahisaneng le wena, ba o hloileng.

58. O tla otlelwa bokgopo ba hao, le diketso tsa hao tse manyala, ho rialo Morena.

59. “ <Morena Modimo o bua tjena: Ke tla o etsa kamoo o entseng kateng, hobane o nyedisitse kano ya ka ka ho senya selekane.

60. Leha ho le jwalo ke tla hopola selekane seo, seo ke se entseng le wena mehleng ya botjha ba hao, mme ke tla etsa selekane sa kamehla yohle le wena.

61. Jwale o tla hopola ditsela tsa hao, o hlajwe ke dihlong ha o amohela bana beno, ba baholo le ba banyenyane. Ke o nea bona e le baradi ba hao, empa e seng ka baka la selekane seo ke se entseng le wena.

62. Ke tla etsa selekane le wena, mme o tla tseba hore ke nna Morena.

63. Ke tla o tshwarela dibe tsohle tseo o di entseng, empa o tla nne o di hopole, o hlajwe ke dihlong hoo o ke keng wa ahlamisa molomo wa hao, ho rialo Morena Modimo.> ”