BIBELE

Esekiele 16:45-56 BIBELE (SSO89SO)

45. O fela o le moradi wa mmao kannete, yena ya neng a nyonya monna wa hae le bana ba hae. O tshwana hantle le bana beno, ba neng ba nyonya banna ba bona le bana ba bona. Mma lona e ne e le Mohete, ntata lona yena e le Moamore.

46. Moholwane wa hao ke Samaria, yena ya phelang le baradi ba hae ka leboya ho wena. Moena wa hao ke Sodoma, yena ya phelang le baradi ba hae ka borwa ho wena.

47. Empa wena ha o a ka wa tsamaya mehlaleng ya bona, leha e le ho etsa diketso tsa bona tse manyala; feela e ne eka ke ntho e nyenyane ho wena ha mekgwa ya hao yohle e bodile ho feta ya bona.

48. Ruri ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, moena wa hao Sodoma, esita le baradi ba hae, ha ba a ka ba etsa seo wena le baradi ba hao le se entseng.

49. “ <Bona mona he, sena e bile sona sebe sa moena wa hao Sodoma: Yena le baradi ba hae ba ne ba ikgohomosa, ba pesotse dimpa, ba phela ka boiketlo, ba sa thuse bafumanehi kapa bahloki.

50. Ba ne ba ikakasa, ba etsa manyala mahlong a ka; kahoo ka ba fedisa jwalokaha le wena o bone.

51. Samaria ha e a etsa le halofo ya dibe tseo o di entseng, empa wena o entse manyala a mangata ho feta a Samaria, wa etsa hore manyala a bana beno a tadimehe e se letho ha a bapiswa le ao o a entseng.

52. Jara sekgobo sa dibe tsa hao, hobane o entse hore e ka bana beno ba lokile ho o feta. Dibe tsa hao di nyonyeha ho feta tsa bona, hoo ekang ba lokile ho o feta. Ka baka leo, swaba, o hlajwe ke dihlong, hobane o entse hore e ke ba lokile ho o feta.

53. “ <Ke tla boela ke atlehisa Sodoma le baradi ba hae, le Samaria le baradi ba hae; le wena Jerusalema, ke tla o atlehisa,

54. e le hore o tle o jare sekgobo sa dibe tsa hao, o hlajwe ke dihlong, ka baka la tsohle tseo o di entseng ha o ne o ba tshedisa.

55. Ha e le bana beno, e leng Sodoma le baradi ba hae, le Samaria le baradi ba hae, ba tla boela ba eba seo ba neng ba le sona pele; le wena le baradi ba hao le tla boela le eba seo le kileng la ba sona pele.

56. Ha o ne o sa ntsane o ikgohomosa, o ne o sa rate le ho bitsa lebitso la ngwaneno Sodoma,