BIBELE

Esekiele 16:3-11 BIBELE (SSO89SO)

3. o re: <Morena Modimo o bua tjena ho Jerusalema: Moo o hlahetseng teng, moo o tswaletsweng teng, ke naheng ya Kanana. Ntatao e ne e le Moamore, mmao yena e le Mohete.

4. Tsa tswalo ya hao di bile tjena: Mohla o neng o hlaha, kalana ya hao ha e a ka ya kgaolwa; ha o a ka wa hlatsuwa ka metsi hore o hlweke; ha o a ka wa pikitlwa ka letswai, leha e le hona ho phuthelwa ka masela.

5. Ha ho le ya mong ya kileng a o hauhela, a o etsetsa dintho tsena, kapa a o utlwela bohloko. Mohla letsatsi la tswalo ya hao wa na wa lahlelwa hara naha, hobane o ne o nyonyeha.

6. “ <Yare ha ke feta pela hao, ka o bona o le ditshila ke madi a hao. Ka bua le wena o ntso le madi jwalo, ka re: “Phela!” E, ka rialo ho wena o ntso le madi, ka re: “Phela!”

7. “ <Ka etsa hore o hole jwaloka semela sa naha; wa fela wa hola, wa phethahala, wa fetoha morwetsana e motlemotle. Wa tswa diola-molora, wa mela moriri, empa wa sala o ntso tsotse, o le feela.

8. “ <Hamorao ha ke feta pela hao hape, ke o tadima, ka bona hore o se o hodile hoo o lokelang ho ferehwa. Yaba ke o apesa seaparo sa ka ho pata bofeela ba hao. Ka o hlapanyetsa, ka etsa selekane le wena, mme wa ba wa ka, ho rialo Morena Modimo.

9. “ <Jwale ka o hlatswa ka metsi, ka o hlatswisisa ho tlosa madi a ho wena, ka o tlotsa ka ole.

10. Ka o tentsha mose o homilweng, ka o rwesa meqathatso ya letlalo la qibi. Ka o rwesa moqhaka wa lene e ntle, ka o apesa seaparo sa sileka.

11. Ka o tlatlapetsa mekgabiso, ka o rwesa dipetja matsohong, molaleng ka o rwesa sekgama.