BIBELE

Esekiele 16:28-39 BIBELE (SSO89SO)

28. “ <Kahobane o ne o sa kgotsofale, le Baasiria o entse bootswa le bona. E, o bile seotswa sa bona, empa le bona ha ba a ka ba o kgotsofatsa.

29. Hapehape o entse bootswa bo bongata ho ya fihla naheng ya Bakalatiya, e leng naha ya bahwebi, empa le bona ha ba a ka ba o kgotsofatsa.

30. “ <O tjhatjheha hakaakang ha o etsa dintho tsee, o etsisa seotswa se hlokang dihlong! ho rialo Morena Modimo.

31. Ha o ne o haha dibaka tsa borapedi mateanong a ditsela, le mabaleng wohle, o ne o sa ke seotswa, hobane o ne o sa batle tjhelete.

32. “ <O mosadi wa sefebe, ya febang le banna ba bang, ho ena le ho rata monna wa hao!

33. Mosadi wa seotswa o newa tjhelete, empa wena o fana ka dimpho ho baratuwa bohle ba hao, o ba reka hore ba tle ho wena ba etswa hohle, ho tla feba le wena.

34. Bootswa ba hao bo fapane le ba basadi ba bang ba diotswa, hobane ha ho monna ya o salamang hore o etse bootswa le yena. Wena ha o fumane moputso wa bootswa, empa ke wena ya fanang ka moputso: Ka baka leo, o fapane le diotswa tse ding.

35. “ <Ka baka leo, wena seotswa towe! utlwa lentswe la Morena.

36. Morena Modimo o bua tjena: Erekaha o hafakile ditjhelete tsa hao, wa pepesa bofeela ba hao, ha o ne o etsa bootswa le baratuwa ba hao, le medingwana ya hao e manyala, eo o e etseditseng sehlabelo ka bara ba hao;

37. ka baka leo, ke tla phutha baratuwa ba hao bohle, bao o neng o ithabisa le bona; bohle bao o neng o ba rata, le bohle bao o neng o ba hloile. Ke tla ba bokella, ba o etsetse sakana-la-nkope, ke ba pepesetse bofeela ba hao, hore ba o bonele.

38. Ke tla o ahlola ka kahlolo ya basadi ba difebe le ba babolai. Ka baka la kgalefo ya ka le bohale ba ka, ke tla iphetetsa ho wena, ke o ahlolele lefu.

39. Ke tla neelana ka wena matsohong a baratuwa bao ba hao, ba heletse dibaka tseo o etsetsang bootswa ho tsona, le dibaka tsa hao tsa borapedi. Ba tla o hlobodisa diaparo tsa hao, ba nke le mabenyane a hao, ba o siye o tsotse, o le feela.