BIBELE

Esekiele 16:16-25 BIBELE (SSO89SO)

16. Wa nka tse ding tsa diaparo tsa hao, wa kgabisa dibaka tsa hao tsa borapedi ka tsona, di le mebalabala, mme wa etsetsa bootswa ba hao hona moo. Dintho tsa mofuta ona ha di a lokela ho etsahala, kapa ho ba teng.

17. Wa nka le mabenyane a matle a kgauta le a silefera, ao ke neng ke o file wona, wa iketsetsa medingwana e metona ka wona, mme wa feba le yona.

18. Wa nka diaparo tsa hao tse homilweng, wa e apesa tsona, wa e nyehella ka ole ya ka le ka mokubetso wa ka.

19. Wa e nyehella le ka dijo tsa ka, tseo ke o fileng tsona hore o di je, e leng tsa phofo e thumisehileng, le mahe a dinotshi, le ole, hore e be mokubetso o monko o monate. Tsena ke tsona tse ileng tsa etsahala, ho rialo Morena Modimo.

20. “ <Wa nka le bara le baradi ba hao, bao o ntswaletseng bona, wa etsetsa medingwana ena sehlabelo ka bona hore e ba je. Na o ila bona bootswa boo ba hao bo sa lekana,

21. hoo o bileng wa bolaya bana ba ka, mme ka bona wa etsetsa medingwana eo setjheso?

22. Ha o ntse o etsa manyala ana a hao le bootswa bona ba hao, ha o a ka wa hopola matsatsi a botjha ba hao, ha o ne o tsotse, o le feela, o le ditshila ke madi a hao.

23. “ <O madimabe! O madimabe hakaakang! ho rialo Morena Modimo. Hoba o etse bobe bona bohle ba hao,

24. o ile wa ikgahela dibaka tsa borapedi mabaleng wohle.

25. Mateanong wohle a ditsela o ile wa haha dibaka tsa borapedi, wa tlontlolla botle ba hao, wa ipeketlela bohle ba fetang ka tsela, wa totisa bootswa ba hao.