BIBELE

Esekiele 14:14-23 BIBELE (SSO89SO)

14. Leha eba banna bana ba bararo: Nowe, Daniele le Jobo, ba ne ba phela naheng eo, ho loka ha bona ho ne ho tla lopolla bona feela, ho rialo Morena.

15. “Ha nka romela diphoofolo tse hlaha ho feta hara naha eo, mme di bolaya batho, naha e sala e se na motho, ho se le motho ya ka fetang hara yona;

16. haeba banna bana ba bararo ba ne ba le naheng eo, ke a ikana, ho rialo Morena Modimo, ba ne ba ke ke ba lopolla bara ba bona kapa baradi ba bona naheng eo. E ne e tla ba bona feela ba ka pholoswang, empa naha yona e ne e tla fetoha nanaola.

17. “Kapa ha nka bolaya baahi ba naha eo ka sabole, mme ka re: <Sabole a e ke e bolaye baahi ba naha ena!> ebe ke bolaya batho ba yona le diphoofolo tsa yona;

18. haeba banna bana ba bararo ba ne ba le naheng eo, ke a ikana, ho rialo Morena, ba ne ba ke ke ba lopolla bara ba bona kapa baradi ba bona naheng eo.

19. “Kapa ha nka romela lefu la sewa naheng eo, kgalefo ya ka ka e hlatsetsa naheng eo ka ho tsholla madi, ka bolaya batho le diphoofolo;

20. haeba Nowe le Daniele le Jobo ba ne ba phela naheng eo, ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ba ne ba ke ke ba lopolla mora kapa moradi; ho loka ha bona ho ne ho tla lopolla bona feela.

21. “Morena Modimo o bua tjena: Ho tla tshabeha hakaakang Jerusalema ha ke e romela dikotlo tsa ka tse nne, e leng sabole, sekoboto, dibatana le lefu la sewa, ho bolaya baahi ba naha eo le diphoofolo tsa yona!

22. Empa ho tla ba le masalla, e leng bara le baradi ba tla ntshwa Jerusalema. Ba tla tla ho lona, mme etlare ha le bona boitshwaro ba bona le diketso tsa bona le tshedisehe mabapa le koduwa eo ke e dihetseng hodima Jerusalema, e leng dikoduwa tsohle tseo ke di dihetseng hodima yona.

23. Le tla tshediseha ha le bona boitshwaro ba bona, le diketso tsa bona, hobane le tla be le tseba hore tsena di entswe ke nna ka mabaka, ho rialo Morena Modimo.”