BIBELE

Esekiele 14:10-19 BIBELE (SSO89SO)

10. Moporofeta eo le ya mmotsang ba tla jara kotlo ya bokgopo ba bona. Kotlo ya moporofeta e tla tshwana le kotlo ya ya mmotsitseng.

11. Kahoo bana ba Iseraele ha ba sa tla hlola ba mphuralla, mme ha ba sa tla hlola ba silafatswa ke ditshito tsa bona; e tla ba setjhaba sa ka, mme nna ke be Modimo wa sona, ho rialo Morena Modimo.> ”

12. Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:

13. “Wena ngwana motho, ha setjhaba sa naha se ntshitelwa haholo ka ho ntlhokela botshepehi, ke tla otlollela letsoho la ka hodima naha eo, ke fedise dijo tsa naha eo, ke e tlisetse sekoboto, ke bolaye baahi ba yona, le diphoofolo tsa yona.

14. Leha eba banna bana ba bararo: Nowe, Daniele le Jobo, ba ne ba phela naheng eo, ho loka ha bona ho ne ho tla lopolla bona feela, ho rialo Morena.

15. “Ha nka romela diphoofolo tse hlaha ho feta hara naha eo, mme di bolaya batho, naha e sala e se na motho, ho se le motho ya ka fetang hara yona;

16. haeba banna bana ba bararo ba ne ba le naheng eo, ke a ikana, ho rialo Morena Modimo, ba ne ba ke ke ba lopolla bara ba bona kapa baradi ba bona naheng eo. E ne e tla ba bona feela ba ka pholoswang, empa naha yona e ne e tla fetoha nanaola.

17. “Kapa ha nka bolaya baahi ba naha eo ka sabole, mme ka re: <Sabole a e ke e bolaye baahi ba naha ena!> ebe ke bolaya batho ba yona le diphoofolo tsa yona;

18. haeba banna bana ba bararo ba ne ba le naheng eo, ke a ikana, ho rialo Morena, ba ne ba ke ke ba lopolla bara ba bona kapa baradi ba bona naheng eo.

19. “Kapa ha nka romela lefu la sewa naheng eo, kgalefo ya ka ka e hlatsetsa naheng eo ka ho tsholla madi, ka bolaya batho le diphoofolo;