BIBELE

Esekiele 14:1-16 BIBELE (SSO89SO)

1. Baholo ba bang ba setjhaba sa Iseraele ba tla ho nna, ba dula kapele ho nna.

2. Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:

3. “Wena ngwana motho, batho bana ba rapela medingwana ya bohata ka dipelong tsa bona. Ba beile sekgopi sa dibe tsa bona kapele ho difahleho tsa bona. Na nka dumela hore ba tlo mpotsa?

4. “Ka lebaka lena, bua le bona, o re: <Morena Modimo o bua tjena: Ha Moiseraele ofe kapa ofe ya rapelang modingwana wa bohata ka pelong ya hae, ya beang sekgopi sa dibe tsa hae kapele ho sefahleho sa hae, a etla ho moporofeta, ke nna Morena ya tla mo arabela, ho latela bongata ba medingwana ya hae ya bohata.

5. Ke tla etsa hona e le ho hapa dipelo tsa bana ba Iseraele, hobane bohle ba mphuraletse ka baka la medingwana ya bona ya bohata.>

6. “Ka baka lena, ere ho bana ba Iseraele: <Morena Modimo o bua tjena: Bakang, le furalle medingwana ya lona ya bohata, le furalle le mesebetsi ya lona yohle e manyala!

7. “ <Ha motho ofe kapa ofe wa setjhaba sa Iseraele, kapa ofe le ofe wa baditjhaba, ya jakileng naheng ya Iseraele, ya ikarohanyang le nna, ya rapelang medingwana ya bohata ka pelong ya hae, a bea sekgopi sa sebe sa hae kapele ho sefahleho sa hae, mme a eya ho moporofeta ho ya mmotsa, ke nna Morena ka sebele ya tla mo araba.

8. Motho ya jwalo ke tla mo lwantsha, ke mo etse setsoto le sesomo, ke mo kgaole setjhabeng sa ka, mme le tla tseba hore ke nna Morena.

9. “ <Haeba moporofeta a ka thetswa hore a porofete, ke hobane ke nna Morena ya thetsitseng moporofeta eo, mme ke tla otlollela letsoho la ka hodima hae, ke mo timetse setjhabeng sa ka sa Iseraele.

10. Moporofeta eo le ya mmotsang ba tla jara kotlo ya bokgopo ba bona. Kotlo ya moporofeta e tla tshwana le kotlo ya ya mmotsitseng.

11. Kahoo bana ba Iseraele ha ba sa tla hlola ba mphuralla, mme ha ba sa tla hlola ba silafatswa ke ditshito tsa bona; e tla ba setjhaba sa ka, mme nna ke be Modimo wa sona, ho rialo Morena Modimo.> ”

12. Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:

13. “Wena ngwana motho, ha setjhaba sa naha se ntshitelwa haholo ka ho ntlhokela botshepehi, ke tla otlollela letsoho la ka hodima naha eo, ke fedise dijo tsa naha eo, ke e tlisetse sekoboto, ke bolaye baahi ba yona, le diphoofolo tsa yona.

14. Leha eba banna bana ba bararo: Nowe, Daniele le Jobo, ba ne ba phela naheng eo, ho loka ha bona ho ne ho tla lopolla bona feela, ho rialo Morena.

15. “Ha nka romela diphoofolo tse hlaha ho feta hara naha eo, mme di bolaya batho, naha e sala e se na motho, ho se le motho ya ka fetang hara yona;

16. haeba banna bana ba bararo ba ne ba le naheng eo, ke a ikana, ho rialo Morena Modimo, ba ne ba ke ke ba lopolla bara ba bona kapa baradi ba bona naheng eo. E ne e tla ba bona feela ba ka pholoswang, empa naha yona e ne e tla fetoha nanaola.