BIBELE

Esekiele 13:1-13 BIBELE (SSO89SO)

1. Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:

2. “Wena ngwana motho, hanyetsa baporofeta bana ba Iseraele ba porofetang. Ere ho bana ba iporofetelang tse tswang mehopolong ya bona: <Mamelang lentswe la Morena!

3. Morena Modimo o bua tjena: Ho madimabe baporofeta ba dithoto, ba porofetang tsa bona, empa ba sa bona letho!

4. Lona Baiseraele, baporofeta ba lona ba tshwana le diphokojwe tse phelang hara masupi.

5. Ha le a ka la ya thiba dikgeo tse marakong, kapa la haha metero, e le hore Baiseraele ba tle ba tsebe ho ema senna ntweng, mohla Letsatsi la Morena.

6. Dipono tsa bona ke tsa mafeela, le boporofeta ba bona ke ba leshano. Ba re: “Morena o re,” empa Morena a sa ba roma, mme ba lebella hore dipolelo tsa bona di phethahatswe!

7. Na ha le eso bone dipono tsa bohata, mme la porofeta bohata, ha le re: “Morena o re,” empa nna ke sa bua jwalo?

8. “ <Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Kahobane le buile taba tsa mafeela, la bona dipono tsa mashano, ke a le lwantsha, ho rialo Morena Modimo.

9. Ke tla otla baporofeta ba bonang dipono tsa mafeela, ba porofetang mashano; ba ke ke ba eba le kabelo phuthehong ya setjhaba sa ka, kapa ba ngolwa diketsahalong tsa ntlo ya Iseraele, leha e le ho kena naheng ya Iseraele, le tle le tsebe hore ke nna Morena.

10. “ <Kahobane ba kgelositse setjhaba sa ka, ba re: “Kgotso!” empa kgotso e le siyo; ere ha setjhaba sa ka se haha lerako le fokolang, ebe ba le ntlafatsa ka ho le dila ka phepa,

11. bolella bana ba dilang lerako ka phepa hore lerako leo le tla wa. Ho tla na pula ya ditlwebelele, e nang ka sefako se dinaka, mme moya wa sefefo o tla puka.

12. Ha lerako lee le se le wele, na setjhaba ha se na ho le botsa, se re: “E kae phepa eo le neng le dile lerako ka yona?”

13. “ <Ka baka leo, Morena Modimo o re: Ha ke se ke halefile ke tla le heletsa ka moya wa sefefo, mme ha ke se ke halefile ke tla nesa pula ya ditlwebelele e nang ka sefako se dinaka hore e ripitle lerako leo.