BIBELE

Esekiele 1:2-20 BIBELE (SSO89SO)

2. Ka letsatsi la bohlano la kgwedi, e leng selemo sa bohlano kgosi Jehoyakine a thopilwe,

3. lentswe la Morena la fihla ho moprista Esekiele, mora wa Busi, a le pela noka ya Kebare, naheng ya Bakalatiya, yaba matla a tswang ho Morena a a mo tsukutla.

4. Ha ke tadima ka bona sefefo se hlaha leboya, e le leru le leholo le tsekemang lehadima, le potapotilweng ke kganya. Bohare ba lona bo ne bo tshwana le lethose le hlenneng ke mollo.

5. Hara sefefo seo ho ne ho ena le ho kang dibopuwa tse nne, tse phelang. Sebopeho sa tsona se ne se tshwana le sa motho,

6. empa se seng le se seng sa dibopuwa tsena se ne se ena le difahleho tse nne, le mapheo a mane.

7. Meomo ya tsona e ne e otlolohile; bohato ba maoto a tsona bo ka tlhako ya namane. A ne a phatsima jwaloka lethose le hlakodisitsweng.

8. Tlasa lepheo ka leng ho ne ho ena le letsoho le kang la motho. Bone ba tsona di ne di ena le difahleho le mapheo.

9. Mapheo a tsona a ne a thetsana. Ha di ne di tsamaya, di ne di toba pele feela, di sa retelehe.

10. Fahleho tsa tsona di ne di le tjena: Sebopuwa ka seng se ne se ena le sefahleho se kang sa motho, ka lehlakoreng le letona e le se kang sa tau, ka ho le letshehadi e le se kang sa poho, mme sebopuwa ka seng se ena le sefahleho se kang sa ntsu.

11. Difahleho tsa tsona di ne di le jwalo. Mapheo a tsona a ne a thathaletse, a lebile hodimo. Mapheo a mabedi a sebopuwa ka seng a ne a thetsana le a sebopuwa se seng, mme mapheo a mang a mabedi a kwahetse mmele.

12. Sebopuwa ka seng ha se tsamaya se ne se toba pele feela. Di ne di eya hohle moo moya o neng o rata ho ya teng. Ha di tsamaya, di ne di sa retelehe.

13. Tshobotsi ya dibopuwa tsena tse phelang e ne e ka mashala a hlenneng, kapa e ne e ka dirumola. Mollo oo o ne o tsekema hara dibopuwa tsena, o kganya haholo, mme lehadima le etswa ho wona.

14. Dibopuwa tsena di ne di takolotsa, di eya pele le morao jwaloka lehadima.

15. Ha ke ntse ke tadimile dibopuwa tsena tse phelang, ka bona lebidi le le fatshe ka lehlakoreng la sebopuwa ka seng, se nang le difahleho tse nne.

16. Mabidi ana a mane a ne a tshwana; lebidi ka leng le ne le phatsima jwaloka lehakwe la bohlokwa, le le jwalokaha e ka le kena kahara lebidi le leng.

17. Ha mabidi ana a ne a tsamaya, a ne a bidikela kae kapa kae moo dibopuwa di yang teng; a ne a sa retelehe ha dibopuwa tsena di tsamaya.

18. Mabanta a wona a ne a phahame, a tshabeha, mme bone ba wona a tletse mahlo ho a potapota.

19. Ha dibopuwa tsena tse phelang di tsamaya, le mabidi a mahlakoreng a tsona a ne a tsamaya; ha dibopuwa di phahama, mabidi le wona a ne a phahama.

20. Hohle moo moya o neng o rata ho ya teng, dibopuwa le tsona di ne di eya teng, mme mabidi le wona a ye le tsona, hobane moya wa dibopuwa tsena tse phelang o ne o le kahara mabidi.