BIBELE

Esekiele 1:10-18 BIBELE (SSO89SO)

10. Fahleho tsa tsona di ne di le tjena: Sebopuwa ka seng se ne se ena le sefahleho se kang sa motho, ka lehlakoreng le letona e le se kang sa tau, ka ho le letshehadi e le se kang sa poho, mme sebopuwa ka seng se ena le sefahleho se kang sa ntsu.

11. Difahleho tsa tsona di ne di le jwalo. Mapheo a tsona a ne a thathaletse, a lebile hodimo. Mapheo a mabedi a sebopuwa ka seng a ne a thetsana le a sebopuwa se seng, mme mapheo a mang a mabedi a kwahetse mmele.

12. Sebopuwa ka seng ha se tsamaya se ne se toba pele feela. Di ne di eya hohle moo moya o neng o rata ho ya teng. Ha di tsamaya, di ne di sa retelehe.

13. Tshobotsi ya dibopuwa tsena tse phelang e ne e ka mashala a hlenneng, kapa e ne e ka dirumola. Mollo oo o ne o tsekema hara dibopuwa tsena, o kganya haholo, mme lehadima le etswa ho wona.

14. Dibopuwa tsena di ne di takolotsa, di eya pele le morao jwaloka lehadima.

15. Ha ke ntse ke tadimile dibopuwa tsena tse phelang, ka bona lebidi le le fatshe ka lehlakoreng la sebopuwa ka seng, se nang le difahleho tse nne.

16. Mabidi ana a mane a ne a tshwana; lebidi ka leng le ne le phatsima jwaloka lehakwe la bohlokwa, le le jwalokaha e ka le kena kahara lebidi le leng.

17. Ha mabidi ana a ne a tsamaya, a ne a bidikela kae kapa kae moo dibopuwa di yang teng; a ne a sa retelehe ha dibopuwa tsena di tsamaya.

18. Mabanta a wona a ne a phahame, a tshabeha, mme bone ba wona a tletse mahlo ho a potapota.