BIBELE

Esaya 8:8-18 BIBELE (SSO89SO)

8. Metsi a tla fetahara naha ya Juda,a phutsalle, a aparele hohle,a kokomohe, a fihle molaleng.Noka e tla thathalatsamapheo a yona,a kwahele naha ya haoka bophara ba yona,wena Emanuele!”

9. Hlabang mokgosi, lona matjhaba,le tla robokelwa!Mamelang, lona ba naha tse hole!Hlomellang ntwa,le tswe le robokelwa!Hlomellang ntwa,le tswe le robokelwa!

10. Le ka rala merero ya lona,empa e tla nyopa;le ka bua haholo,ho ke ke ha phethahala letho,hobane Modimo o na le rona.

11. Morena a bua le nna letsoho la hae le matla le le hodima ka, a nkeletsa hore ke se ke ka latela mekgwa ya setjhaba sena, mme a re:

12. “Sohle seo tjhaba senase reng ke bohlabaphiyo,wena se ka re ke bohlabaphiyo;se ka tshabase tshajwang ke tjhaba sena,o se ka tshoswa ke se se tshosang.

13. Hopola hore Morena wa mabothoo a halalela,e be yena eo o mo tshabang,e be yena eo o mo tshohang.

14. Ke yena eo e tla ba sehalalelo;empa ho matlo a mabedi a Iseraele,ke yena lejwe le tla ba kgopa,ke yena lefika le tla ba thula,ho baahi ba Jerusalema e be sefi,e be leraba.

15. Ba bangata ba bonaba tla kgothometseha,ba bangata ba bonaba we, ba robehe,ba bangata ba bonaba wele lerabeng, ba tshwaswe.”

16. Molaetsa ona wa ka le o boloke,thuto ya ka e manehwe dipelong,pelong tsa barutuwa ba ka.

17. Ha e le nna ke tshepile Morena,yena ya patileng sefahleho sa hae,a se patela ntlo ya Jakobo;ke yena eo ke tla mo lebella.

18. Ke nna enwa le bana bao Morena a nneileng bona. Naheng ya Iseraele re dipontsho le ditshupo tse tswang ho Morena wa mabotho, ya ahileng Thabeng ya Sione.