BIBELE

Esaya 8:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena a re ho nna: “Nka letlapa le leholo, o ngole hodima lona ka thlaku tse hlakileng: <Potlakela kgapo! Potlakela lelobelo!> ”

2. Yaba ke bitsa dipaki tse tshepahalang, e leng moprista Uriya le Sekariya, mora wa Jerebekiya, ho tla mpakela.

3. Ka kena dikobong tsa mosadi wa ka, a emola, a tswala mora. Yaba Morena o re ho nna: “Mo ree lebitso la <Potlakela kgapo! Potlakela lelobelo>!

4. Etlare moshanyana enwa a eso tsebe ho re <ntate> kapa <mme>, maruo a Damaseka le kgapo ya Samaria di nkwe ke kgosi ya Asiria.”

5. Morena a boela a bua ho nna, a re:

6. “Kaha tjhaba senase se se nyatsitse metsi a Shilowaa phallang a kgutsitse,se thabela Resinele mora Remaleya,

7. ka baka lena,Morena o tla se tlisetsakgoholedi e kgolo,e matla, ya Noka,kgosi ya Asiriale mabotho wohle a yona.Noka e tla thibelamelatswana wa yona,metsi a phutsallehodima mabopo a yona.

8. Metsi a tla fetahara naha ya Juda,a phutsalle, a aparele hohle,a kokomohe, a fihle molaleng.Noka e tla thathalatsamapheo a yona,a kwahele naha ya haoka bophara ba yona,wena Emanuele!”

9. Hlabang mokgosi, lona matjhaba,le tla robokelwa!Mamelang, lona ba naha tse hole!Hlomellang ntwa,le tswe le robokelwa!Hlomellang ntwa,le tswe le robokelwa!