BIBELE

Esaya 7:9-19 BIBELE (SSO89SO)

9. Motsemoholo wa Efraimeke Samaria,hlooho ya Samariake mora wa Remaleya feela.ha le sa dumelele ke ke la tiya.> ”

10. Morena a boela a bua ho Akase, a re:

11. “Kopa Morena Modimo wa hao, hore a o etsetse sesupo se tswang tlasetlase, kapa hodimodimo.”

12. Empa Akase a re: “Nke ke ka kopa letho, nke ke ka bea Morena tekong.”

13. Yaba Esaya o re: “Mamelang lona ba ntlo ya Davida! Na ha ho a lekana ha le ntse le kgathatsa batho, ha e le moo le ntse le kgathatsa Modimo wa ka?

14. Ka baka lena, Morena ke yena ya tla le etsetsa sesupo. Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emanuele.

15. O tla ja lebese le mahe a dinotshi, ho fihlela a tseba ho kgesa bobe, a ikgethela ho lokileng.

16. Empa etlare moshanyana a eso tsebe ho kgesa bobe, le ho ikgethela ho lokileng, naha ya dikgosi tsena tse pedi, tseo o di tshabang, e tla fetoha nanaola.

17. “Wena le setjhaba sa hao, le ba ntlo ya ntatao, Morena o tla le tlisetsa nako e esong ho be teng ho tloha mohla ba morabe wa Efraime ba ikarolang ho ba morabe wa Juda. O tla tlisa kgosi ya Asiria.”

18. Mohlang oo Morena o tla letsa molodi o bitsang dintsintsi tse tswang hole, melatswaneng ya Egepeta, le dinotshi tse tswang naheng ya Asiria.

19. Di tla tla tsohle, di fihle di hahele dikgohlong tse tebileng, le mafarung a mafika, le hara difate tsohle tsa leoka, le hara makgulo wohle.