BIBELE

Esaya 7:17-25 BIBELE (SSO89SO)

17. “Wena le setjhaba sa hao, le ba ntlo ya ntatao, Morena o tla le tlisetsa nako e esong ho be teng ho tloha mohla ba morabe wa Efraime ba ikarolang ho ba morabe wa Juda. O tla tlisa kgosi ya Asiria.”

18. Mohlang oo Morena o tla letsa molodi o bitsang dintsintsi tse tswang hole, melatswaneng ya Egepeta, le dinotshi tse tswang naheng ya Asiria.

19. Di tla tla tsohle, di fihle di hahele dikgohlong tse tebileng, le mafarung a mafika, le hara difate tsohle tsa leoka, le hara makgulo wohle.

20. Mohla tsatsi leo, Morena o tla beola ka lehare le adimilweng kamose wane ho Noka, e leng kgosi ya Asiria. O tla beola dihlooho tsa lona, le mohwete o meomong ya lona, a le beole le ditedu.

21. Tsatsing leo motho o tla rua kgomo e le nngwe le dikgutshwane tse pedi,

22. empa o tla ja lebese, hobane di tla be di sisa haholo. Bohle ba tla sala naheng eo ba tla ja lebese le mahe a dinotshi.

23. Mohla tsatsi leo, hohle moo ho neng ho ena le difate tsa morara tse sekete, tseo theko ya tsona e leng silefera e ka etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e mmedi le halofo, ho tla mela hlabahlabane le meutlwa.

24. Batho ba tla tsamaya ba nkile diqha le metsu, hobane naha e tla be e kwahetswe ke hlabahlabane le meutlwa.

25. Maralla wohle a neng a lemilwe, ho ke ke ha hlola ho uwa ho wona, ka baka la ho tshaba hlabahlabane le meutlwa, empa e tla ba moo ho kgaphelwang dikgomo teng, le moo dinku di sollang teng.