BIBELE

Esaya 7:12-16 BIBELE (SSO89SO)

12. Empa Akase a re: “Nke ke ka kopa letho, nke ke ka bea Morena tekong.”

13. Yaba Esaya o re: “Mamelang lona ba ntlo ya Davida! Na ha ho a lekana ha le ntse le kgathatsa batho, ha e le moo le ntse le kgathatsa Modimo wa ka?

14. Ka baka lena, Morena ke yena ya tla le etsetsa sesupo. Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emanuele.

15. O tla ja lebese le mahe a dinotshi, ho fihlela a tseba ho kgesa bobe, a ikgethela ho lokileng.

16. Empa etlare moshanyana a eso tsebe ho kgesa bobe, le ho ikgethela ho lokileng, naha ya dikgosi tsena tse pedi, tseo o di tshabang, e tla fetoha nanaola.