BIBELE

Esaya 7:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Mehleng ya puso ya Akase, kgosi ya Juda, eo e neng e le mora wa Jotame, le setloholo sa Usiya, bo-Resine, kgosi ya Arame, le Peka, mora wa Remaleya, kgosi ya Iseraele, ba futuhela Jerusalema, empa ba se ke ba e hlola.

2. Ha bolellwa ba ntlo ya Davida, ha thwe: “Baarame ba se ba fihlile naheng ya ba morabe wa Efraime.” Akase le setjhaba sa hae ba tshoha haholo, ba thothomela sa difate di tsukutlwa ke moya.

3. Morena a re ho Esaya: “Wena le mora wa hao Sheara-Jashube, tsamayang le yo kgahlanyetsa Akase. Le tla mo fumana qetellong ya mosele wa metsi a letshana le kahodimo, tseleng e yang setsheng sa Mohlatswi wa Masela.

4. Le re ho yena: <Itlhokomele, o be sebete, o se ke wa tshaba, o se ke wa nyahamiswa pelo ke dikoqonyana tseno tse pedi tse kubellang, e leng kgalefo ya Resine le ya Baarame, le ya mora wa Remaleya.

5. Baarame le ba morabe wa Efraime, le mora wa Remaleya, ba rerile ho o timetsa, ba re:

6. “A re futuheleng Juda, re e haraswanye, re e arolelane, re bee mora wa Tabeele hore e be kgosi ya yona.”

7. Ka baka leo, Morena Modimo o re:“ <Hona ho ke ke ha eba teng,hona ho ke ke ha etsahala,

8. hobane Damasekake motsemoholo wa Arame,hlooho ya Damasekake Resine feela.Ho eso fete lemo tse mashomea tsheletseng a metso e mehlano,morabe wa Efraimeo tla bo so senyehile,e se e se setjhaba.

9. Motsemoholo wa Efraimeke Samaria,hlooho ya Samariake mora wa Remaleya feela.ha le sa dumelele ke ke la tiya.> ”

10. Morena a boela a bua ho Akase, a re:

11. “Kopa Morena Modimo wa hao, hore a o etsetse sesupo se tswang tlasetlase, kapa hodimodimo.”

12. Empa Akase a re: “Nke ke ka kopa letho, nke ke ka bea Morena tekong.”