BIBELE

Esaya 64:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Oho, hoja wa phetla mahodimowa theoha,thaba di tle di reketleha di o bona!

2. Jwalokaha mollo o hotetsa patsi,metsi a bele,le wena theoha,dira tsa hao di tsebe bitso la hao,o etse hore tjhaba di thothomeleha di o bona!

3. Ha o ne o etsa tse tshosang,tseo re neng re sa di lebella,o ile wa theoha,thaba tsa reketla ha di o bona.

4. Ho tloha mehleng ya kgalekgaleha ho ya kila utlwa,ha ho ya kila bonaModimo e mong ntle ho wena,Modimo ya thusangba mo tshepileng.

5. O thusa ba etsang ho loka,ba ho etsang ba thabile,bona ba hopolang ditsela tsa hao.Leha o no halefilere nnile ra etsa dibe;ebe jwale re ka pholoswa jwang?

6. Bohle re tshwana le motho,le motho ya sesila,ketso tsohle tsa rona tse lokilengdi ka dikatana tse ditshila;bohle re omella sa lehlaku le omella,dibe tsa ronadi re fefola sa moya ha o fefola.

7. Ha ho na mothoya ipiletsang ho wena,kapa ya lekang hore a o kgomarele;hobane o re patetse fahleho sa hao,wa etsa hore re moteleka baka la dibe tsa rona.