BIBELE

Esaya 60:16-22 BIBELE (SSO89SO)

16. O tla anya lebese la baditjhaba,o anye matswelea dikgosi tsa bona,o tsebe hore nna Morena,ke Mopholosi wa hao,Molopolli wa hao,Ya Matla wa Jakobo.

17. Bakeng sa lethoseke tla o tlisetsa kgauta,bakeng sa tshepeke o tlisetse silefera;bakeng sa lehongke tla o tlisetsa lethose,ke o tlisetse tshepebakeng sa majwe a moralla.Ke tla etsa hore kahohlekgotso e rene,ho loka e be yena mmusi wa hao.

18. Lerata la dintwaha le sa tla utlwahala,naheng ya hao,leha e le tshenyole nanaola meeding ya hao;marako a haoo tla a rea lebitso la Topollo,kgoro tsa haotsona o di ree la thoriso.

19. Letsatsi e ke ke ya hlolae eba lesedi la hao motsheare,le bosiu ngwedi e ke ke ya hlolae o bonesetsa;Morena e tla ba lesedi la hao,sedi la kamehla yohle,Modimo wa haoe be yena tlotla ya hao.

20. Tsatsi la hao ha le ka kela hlola le sa dikela,kgwedi ya hao ha e ka keya hlola e eya fifing;hoba Morena e tla ba lesedi la hao,sedi la kamehla yohle,tshiu tsa bofifi ba haole tsona di fele.

21. Tjhaba sa hao sohlee tla ba sa ba lokileng,naha e be lefa la sonala kamehla yohle,e be lehlomelale hlomilweng ke nna,e be mosebetsi wa matsoho a ka,oo ke tlotliswang ka wona.

22. Lelapa le lenyenyanele tla ngatafala e be dikete,setjhaba se fokolangsona se matlafale,nna Morena, ke tla potlakisa sena,ke se potlakise ka nako ya sona.”