BIBELE

Esaya 6:3-13 BIBELE (SSO89SO)

3. Di ne di howeletsana, di re:“O a halalela! O a halalela!O a halalela Morena wa mabotho,fatshe lohle le tletse tlotla ya hae!”

4. Modumo wa lentswe la se howeletsang wa sisinya ditshiya tsa menyako, mme Tempele ya tlala mosi.

5. Yaba ke re: “A nna elwa! Ke madimabe hakaakang! Ke timetse! Ke motho ya puo di mpe, mme ke phela hara setjhaba se dipuo di mpe. Mahlo a ka a bone Kgosi, Morena wa mabotho.”

6. Se seng sa dirafime sa fofela ho nna, ka tsohong la sona se tshwere leshala le hlenneng, leo se le okgileng aletareng ka letlao.

7. Sa ama molomo wa ka ka lona, sa re: “Leshala lena le amme molomo wa hao! Molato wa hao o tlositswe, mme o tshwaretswe sebe sa hao.”

8. Yaba ke utlwa lentswe la Morena le re: “Ke tla roma mang? Ke mang ya tla ya bakeng sa rona?”Yaba ke re: “Ke nna enwa! Nthome!”

9. A re: “Tsamaya,“o yo bolella setjhaba sena,o re: <Ho utlwa le tla utlwa,empa le ke ke la utlwisisa;ho sheba le tla sheba,empa le ke ke la bona.>

10. Thotofatsa dipelo tsa batho bana,o thibe ditsebe tsa bona,o tutubatse mahlo a bona,esere mohlomongba bona ka mahlo a bona,ba utlwa ka ditsebe tsa bona,ba utlwisisa ka dipelo tsa bona,ba sokoloha, yaba ke a ba fodisa.”

11. Yaba ke re:“Morena, e tla ba ho fihlela neng?”Morena a araba, a re:“Ho fihlela metse e fetoha dithako,e sala e se na baahi,matlo a sala a le feela,naha e senngwa,e fetoha nahathothe;

12. ho fihlela Morenaa leleketse bohle hole,naha yona e fetohile nanaola.

13. Leha ho ka salaa le mong ho ba leshome,le yena o tla fediswajwaloka sefate se seholo,a fediswe jwaloka fate sa eike,seo kutu ya sonae salang ha se rengwa.Kutu ya sona ke peo e halalelang.”