BIBELE

Esaya 58:9-14 BIBELE (SSO89SO)

9. Etlare ha o ipiletsa,Morena a o arabe,ere ha o kopa thuso,yena a re: <Ke nna enwa.>“Haeba o fedisadiketso tsa botlatlapi,tsa ho supana ka menwanale ho buisana hampe;

10. ha o ka ikitlaeletsaho fepa ba lapileng,wa thoba meyaya ba tshwenyehileng,fifi le tla apoha,sedi la hao le kganye,bosiu ba haobo ke motsheare wa lengeta.

11. Morena o tla o tataisa kamehla,a o fe tseo o di hlokangleha naha e omeletse,a matlafatse ditho tsa mmele wa hao.O tla tshwana le serapase nwesetswang hantle,o ke sedibaseo mohlodi wa sona o sa psheng.

12. Bara ba hao ba tla tsosathako tsa hao tsa kgale,o hahe hodima metheoya baholoholo ba hao.Wena o tla bitswa Motsosiwa marako a helehileng,o bitswe Molokisiwa ditsela le matlo.”

13. “Haeba o sa nke maetoka tsatsi la Sabatha,o sa phethe merero ya haoka tsatsi la ka le halalelang;haeba o bitsa Sabathaletsatsi la thabo,o re ke la Morena le halalelang,le hlomphehang;haeba o le hlomphaka ho se etse mesebetsi ya hao,o sa phethe merero ya hao,o sa bue mafeela;

14. ke hona o tla thabela Morena,a etse hore lefatshe lohlele o hlomphe,o je lefala ntataomoholo Jakobo.”Ke Morena ya buileng jwalo.