BIBELE

Esaya 58:6-11 BIBELE (SSO89SO)

6. “Mokgwa wa ho itima dijooo ke o kgethileng ke ona:Ke hore o lokollemahlaahlela a bokgopo,o imolle ba imetswengke mejaro ya bona,ba hateletsweng o ba lokolle,mesebetsi yohle ya botlatlapio e fedise.

7. Ke hore o abelane dijole ba lapileng,o amohele baleleri lapeng la hao,ba hlobotseng o ba fe diaparo,bang ka wena o ba thuse.

8. “Jwale sedi la hao le tla hlaha,le hlahe jwaloka mafube a meso,ho fola ha hao le hona ho akofe,ho loka ha hao ho tla o etella pele,tlotla ya Morenae sireletse serao sa hao.

9. Etlare ha o ipiletsa,Morena a o arabe,ere ha o kopa thuso,yena a re: <Ke nna enwa.>“Haeba o fedisadiketso tsa botlatlapi,tsa ho supana ka menwanale ho buisana hampe;

10. ha o ka ikitlaeletsaho fepa ba lapileng,wa thoba meyaya ba tshwenyehileng,fifi le tla apoha,sedi la hao le kganye,bosiu ba haobo ke motsheare wa lengeta.

11. Morena o tla o tataisa kamehla,a o fe tseo o di hlokangleha naha e omeletse,a matlafatse ditho tsa mmele wa hao.O tla tshwana le serapase nwesetswang hantle,o ke sedibaseo mohlodi wa sona o sa psheng.