BIBELE

Esaya 58:1-5 BIBELE (SSO89SO)

1. “Howeletsa haholo,o se ke wa kgaotsa;howa haholojwalokaha ho letswa lenaka.Bolella setjhaba sa kaditshito tsa sona,ntlo ya Jakoboo e bolelle dibe tsa yona.

2. Ka letsatsi le letsatsiba ntse ba mpatla,ba labalabelaho tseba ditsela tsa ka,jwalokaha eka ke setjhabase etsang tse lokileng,se sa furallangmelao ya Modimo wa sona.Ba nkopa ho ba bolellamelao e lokileng,ba re ba tjhesehelaho ikatametsa ho Modimo.

3. Ba re: <Ke hobanengha re itimme dijo,empa wena o sa ka wa bona?Ke hobanengha re itlhokofaditse,empa wena o sa ka wa natsa hoo?>“Ka tsatsi la ho itima dijo,lona le phetha merero ya lona,le sebedisabasebetsi ba lona ka thata.

4. Ho itima dijo ha lonaho baka dikgang le diqabang,ho bake le ho tlantlana,ho tlantlana ka ditebele.Na ho itima dijo ka mokgwa o tjeeho ka etsa hore thapelo tsa lonadi mamelehe?

5. Na oo ke mokgwa wa ho itima dijo,na ke mokgwa oo ke o kgethileng,wa hore motho a itlhokofatseka tsatsi le le leng?Wa hore a kebise hloohojwaloka letsepa la lehlaka,a ipitike hodima tse mahwashe,a be a itshelake ka molora?Na oo ke wona mokgwawa ho itima dijo?Na tsatsi le tjeele ka amoheleha ho Morena?