BIBELE

Esaya 55:6-13 BIBELE (SSO89SO)

6. “Batlang Morenaha a sa ntse a ka fumanwa,ipiletseng ho yena a sa le haufi;

7. ya kgopoa furalle ditsela tsa hae,molotsanaa furalle mehopolo ya hae,a sokolohele ho Morena wa hae,mme Morena o tla mo hauhela;a sokolohele ho Modimo wa rona,hobane yena o tshwarela haholo.

8. Mehopolo ya kahase mehopolo ya lona,tsela tsa lonahase tsela tsa ka,”ho rialo Morena.

9. “Jwalokaha lehodimole phahametse lefatshe,tsela tsa ka le tsonadi phahametse tsa lona,le mehopolo ya kae phahametse ya lona.

10. “Jwalokaha pula le lehlwadi etswa lehodimong,mme di sa kgutlele tengdi sa kolobisa lefatshe,hore le medise dimela di tle di atlehe,di hlahisetse mojadi peo,batho ba fumane dijo;

11. le dipolelotseo ke di buang di jwalo,di ke ke tsa kgutlela ho nnadi sa sebetsa letho,empa di tla phethahatsaseo ke se ratang,di phethe mereroeo ke di rometseng ho e phetha.

12. Le tla tloha ka thabo,kgotso e le eteletse pele,dithaba le maralladi bine le di tadimile,fate tsohle tsa nahadi le opele mahofi.

13. Moo ho metseng leokaho tla mela modutu,moo ho metseng hlabahlabaneebe ho mela mohlakola.Tsena ke tsonatse tla tumisa Morena,e be pontsho ya kamehla yohle,e ke keng ya fediswa.”