BIBELE

Esaya 55:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. “Lona bohle ba nyorilweng,tloong le nwe metsi,le lona ba se nang tjhelete,tloong le reke dijo, le je!Tloong le ithekele veine,le ithekele le lebese,le di reke le se na tjhelete,le sa lefe letho.

2. Le senyetsang tjheleteka tseo e seng bohobe?Dintho tse sa kgotsofatseng,keng ha le di sebeletsa ka thata?Mmameleng ka hloko,le je tse molemo,meya ya lona e ithabiseka tse monate.

3. “Ntshekeheleng tsebe,mme le tle ho nna, le mmamele,meya ya lona e tle e phele.Ke tla etsa selekanesa kamehla le lona,e leng mehauheloeo ke neng ke e tshepise Davida.

4. Bonang, ke entse Davidapaki ya ka ho ditjhaba,ka mo etsa moetapelele molaodi wa ditjhaba.

5. Ruri le tla bitsatjhaba tseo le sa di tsebeng,tjhaba tse sa le tsebengdi tla mathela ho lonaka baka la MorenaModimo wa lona,yena Ya Halalelang wa Iseraele,hobane o le tlotlisitse.

6. “Batlang Morenaha a sa ntse a ka fumanwa,ipiletseng ho yena a sa le haufi;

7. ya kgopoa furalle ditsela tsa hae,molotsanaa furalle mehopolo ya hae,a sokolohele ho Morena wa hae,mme Morena o tla mo hauhela;a sokolohele ho Modimo wa rona,hobane yena o tshwarela haholo.

8. Mehopolo ya kahase mehopolo ya lona,tsela tsa lonahase tsela tsa ka,”ho rialo Morena.