BIBELE

Esaya 54:4-17 BIBELE (SSO89SO)

4. “O se ke wa tshaba,o ke ke wa hlajwa ke dihlong,se tshabe ho tlontloloha,o ke ke wa nyenyefatswa.O tla lebala dihlongtsa botjha ba hao,ho nyediswa ha bohlolohadi ba hao,ha o sa tla hlola o ho hopola.

5. Mmopi wa haoke yena monna wa hao,Morena wa mabothoke lona lebitso la hae;Ya Halalelang wa Iseraeleke yena Molopolli wa hao,o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.

6. “Morena o o bitsitsesa mosadi ya lahlilweng,a o bitsasa mosadi ya hlomohileng,ya nyetsweng a sa le monyenyanea ba a lahlwa,”ho rialo Modimo wa hao.

7. “Ke ile ka o furallaka motsotswana feela,empa ka baka la kutlwelobohlokoke tla o kgutlisa.

8. “Ka baka la kgalefo ya kake ile ka o furalla,ka o patela fahleho sa kaka motsotswana;empa kahobane ke o rata,ke tla o utlwela bohlokokamehla yohle,”ho rialo Morena, Molopolli wa hao.

9. “Ho nna tsena di tshwanale tsa mehleng ya Nowe,ha ke ne ke hlapanya ke re:Morallo o ke ke wa eba teng hape;kahoo ke hlapanya horenke ke ka hlola ke o halefela,nke ke ka hlola ke o kgalema.

10. Leha dithaba di ka sisinngwale maralla a suthiswa,lerato la ka le matla ho wenale ke ke la sisinyeha,kapa selekane sa ka sa kgotsosa fediswa,”ho rialo Morena, yena ya o utlwelang bohloko.

11. “Wena motse o hlokofaditsweng,wa tsukutlwa ke difefo,wa hloka motshedisi,majwe a marako a haoke tla a hahella hodima sekama,metheo ke e hahe ka majwe a safire.

12. Tora tsa hao ke tla di hahaka mahakwe a mafubedu,kgoro e be tsa majwea bofubedu ba malakabe,marako e be a mahakwe a bohlokwa.

13. “Bara ba hao bohleba tla rutwa ke Morena,ditloholo tsa haodi be le kgotso ya sebele.

14. Ha o etsa tse lokilengo tla matlafala,bompodi bonabo ke ke ba eba teng ho wena,ha o ka ke wa tshaba letho,esita le ditshosodi ke ke tsa o atamela.

15. Bona, o tla fela o futuhelwe,feela e se ka tumello ya ka;empa ya o futuhelango tla ineela ho wena.

16. “Ke nna ya bopileng lelala,lona le butswelangmashala sefuthelong,ebe le etsa hlomotse loketseng mosebetsi wa tsona;le mosenyi ya senyango bopilwe ke nna.

17. Ha ho na sebetsa se tla o bolaya,bohle ba o qosango tla ba hlola ka nyewe.Lena ke lona lefala bahlanka ba Morena,ke ho loka hoo ke ba neang hona,”ho rialo Morena.