BIBELE

Esaya 54:1-5 BIBELE (SSO89SO)

1. “Bina, wena nyopa,o sa kang wa beleha,tsanyaola, o bine ka thabo,wena o sa kang wa utlwabohloko ba pelehi,hobane bana ba mosadi ya lahlilweng,ba bangata ho fetaba mosadi ya nyetsweng,”ho rialo Morena.

2. “Atolosa setsha sa tente ya hao,o sarolle le masira a ntlo ya hao;lelefatsa kgwele tsa masira a hao,le dimapo tsa tsonao di kgokgothele.

3. O tla namela ka ho le letonale ka ho le letshehadi,ditloholo tsa haodi tla hapa naha tsa baditjhaba,di ahe metsengeo e seng e le masupi.

4. “O se ke wa tshaba,o ke ke wa hlajwa ke dihlong,se tshabe ho tlontloloha,o ke ke wa nyenyefatswa.O tla lebala dihlongtsa botjha ba hao,ho nyediswa ha bohlolohadi ba hao,ha o sa tla hlola o ho hopola.

5. Mmopi wa haoke yena monna wa hao,Morena wa mabothoke lona lebitso la hae;Ya Halalelang wa Iseraeleke yena Molopolli wa hao,o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.