BIBELE

Esaya 5:6-22 BIBELE (SSO89SO)

6. Ke tla e tlohela e senyehe,morara o ke ke wa faolwakapa wa lemelwa,hlabahlabane le meutlwadi tla mela ho yona,ke thibele marua se ka e nesetsa pula.”

7. Tshimo ya moraraya Morena wa mabotho,ke ntlo ya Iseraele,tjhaba sa Judake semela se mo kgahlang;Morena a batla toka,empa a e hloka,bakeng sa ho lokaya eba dillo le tshollo ya madi.

8. Ho madimabe lonaba inkelang matlo a batho,lona ba itjellang masimo a batho,ho fihlela baka sohle e le sa lona,le phela le le inotshi naheng eo.

9. Morena wa mabothoo nnyenyeleditse, a re:“Matlo a mangataa tla sala e le dithako,matlo a maholo, a matle,a hloke baahi.

10. Diakere tse leshometsa tshimo ya moraradi tla beha diletharatse robedi feela tsa veine;peo e etsang diletharatse lekgolo le mashome a robedie behe diletharatse leshome le metso e robedi,tse kaalo feela tsa koro.”

11. Ho madimabeba tsohellang jwaleng,ka madungwadungwana,ba inwellang ho fihlela bosiu,ba tahwe ke veine.

12. Meketeng ya bonaba letsa harepa le dikatara,ba tidinye meropa le makodilo,ba nwe veine;mosebetsi wa Morenawona ha ba o natse,tseo a di entseng tsonaha ba di bone.

13. Ka baka leo,tjhaba sa ka se tla thopuwahoba tjhaba senase hloka kutlwisiso;bahlomphehi ba sonaba tla bolawa ke tlala,bongata ba sonabo tla shwa ke lenyora.

14. Kahoo lebitla le ba lapetse,le se le ahlame, le ba emetse;kgabane tsa bona le matshweledi theohela teng,di theohela le menyakale marata a tsona.

15. Bohle ba tla nyenyefatswa,ba kokobetswe,baikakasi le bona ba kokobetswe.

16. Morena wa mabothoo tla ba phahamela kahlolong,Modimo ya halalelango tla iponahatsa,ka ho loka a iponahatse a halalela.

17. Dinku di tla fulaeka ke makgulong a tsona,dikonyana tsona di fulethakong tsa barui.

18. Ho madimabeba ikgulelang bokgopo,ka thapo tsa mafeela,ba ikgulelang sebejwalokaha kariki e hulwa;

19. ba reng:“Modimo a akofise mesebetsi ya haere e bone,merero e atamele,merero ya Ya Halalelang wa Iseraelee atamele re tle re e tsebe.”

20. Ho madimabe ba rengbobe ke ho loka,ho loka ke bobe,ba reng lefifi ke lesedi,lesedi ke lefifi,ba reng ho babang ho monate,ho monate ho a baba.

21. Ho madimabe ba reng ba bohlale,bona ba iponang ba le masene.

22. Ho madimabe ba rengha ba hlolwe ke jwala,ba reng ba tseba haholoho tswaka dino;