BIBELE

Esaya 5:12-26 BIBELE (SSO89SO)

12. Meketeng ya bonaba letsa harepa le dikatara,ba tidinye meropa le makodilo,ba nwe veine;mosebetsi wa Morenawona ha ba o natse,tseo a di entseng tsonaha ba di bone.

13. Ka baka leo,tjhaba sa ka se tla thopuwahoba tjhaba senase hloka kutlwisiso;bahlomphehi ba sonaba tla bolawa ke tlala,bongata ba sonabo tla shwa ke lenyora.

14. Kahoo lebitla le ba lapetse,le se le ahlame, le ba emetse;kgabane tsa bona le matshweledi theohela teng,di theohela le menyakale marata a tsona.

15. Bohle ba tla nyenyefatswa,ba kokobetswe,baikakasi le bona ba kokobetswe.

16. Morena wa mabothoo tla ba phahamela kahlolong,Modimo ya halalelango tla iponahatsa,ka ho loka a iponahatse a halalela.

17. Dinku di tla fulaeka ke makgulong a tsona,dikonyana tsona di fulethakong tsa barui.

18. Ho madimabeba ikgulelang bokgopo,ka thapo tsa mafeela,ba ikgulelang sebejwalokaha kariki e hulwa;

19. ba reng:“Modimo a akofise mesebetsi ya haere e bone,merero e atamele,merero ya Ya Halalelang wa Iseraelee atamele re tle re e tsebe.”

20. Ho madimabe ba rengbobe ke ho loka,ho loka ke bobe,ba reng lefifi ke lesedi,lesedi ke lefifi,ba reng ho babang ho monate,ho monate ho a baba.

21. Ho madimabe ba reng ba bohlale,bona ba iponang ba le masene.

22. Ho madimabe ba rengha ba hlolwe ke jwala,ba reng ba tseba haholoho tswaka dino;

23. ba lokollang ya molatoka baka la tjotjo,ya se nang molatoyena ba mo hlokele toka.

24. Ka baka leo, ba tla tjhasa ditlhaka di tjheswa ke mollo,ba tjhe sa matlakalaa tjheswa ke malakabe,metso ya bona e tla bola,thunthung tsa bonadi fefohe jwaloka lerole,hobane ba furaletse molaowa Morena mabotho,ba nyedisitse polelotsa Ya Halalelang wa Iseraele.

25. Ka baka leo, kgalefo ya Morenae tlokomela tjhaba sa hae,o phahamisitse tsoho la hae,o a ba otla, thaba di a reketla,topo tsa bona eka matlakalahara seterata.Leha ho le jwalo,kgalefo ya hae ha e kgaotse,tsoho la haeo ntsa le phahamisitse.

26. O phahamiseditsetjhaba tse hole mokgele,ba pheletsong tsa lefatsheo ba bitsa ka molodi,ke bana ba etla kapele,ba potlakile!