BIBELE

Esaya 5:12-21 BIBELE (SSO89SO)

12. Meketeng ya bonaba letsa harepa le dikatara,ba tidinye meropa le makodilo,ba nwe veine;mosebetsi wa Morenawona ha ba o natse,tseo a di entseng tsonaha ba di bone.

13. Ka baka leo,tjhaba sa ka se tla thopuwahoba tjhaba senase hloka kutlwisiso;bahlomphehi ba sonaba tla bolawa ke tlala,bongata ba sonabo tla shwa ke lenyora.

14. Kahoo lebitla le ba lapetse,le se le ahlame, le ba emetse;kgabane tsa bona le matshweledi theohela teng,di theohela le menyakale marata a tsona.

15. Bohle ba tla nyenyefatswa,ba kokobetswe,baikakasi le bona ba kokobetswe.

16. Morena wa mabothoo tla ba phahamela kahlolong,Modimo ya halalelango tla iponahatsa,ka ho loka a iponahatse a halalela.

17. Dinku di tla fulaeka ke makgulong a tsona,dikonyana tsona di fulethakong tsa barui.

18. Ho madimabeba ikgulelang bokgopo,ka thapo tsa mafeela,ba ikgulelang sebejwalokaha kariki e hulwa;

19. ba reng:“Modimo a akofise mesebetsi ya haere e bone,merero e atamele,merero ya Ya Halalelang wa Iseraelee atamele re tle re e tsebe.”

20. Ho madimabe ba rengbobe ke ho loka,ho loka ke bobe,ba reng lefifi ke lesedi,lesedi ke lefifi,ba reng ho babang ho monate,ho monate ho a baba.

21. Ho madimabe ba reng ba bohlale,bona ba iponang ba le masene.