BIBELE

Esaya 5:10-17 BIBELE (SSO89SO)

10. Diakere tse leshometsa tshimo ya moraradi tla beha diletharatse robedi feela tsa veine;peo e etsang diletharatse lekgolo le mashome a robedie behe diletharatse leshome le metso e robedi,tse kaalo feela tsa koro.”

11. Ho madimabeba tsohellang jwaleng,ka madungwadungwana,ba inwellang ho fihlela bosiu,ba tahwe ke veine.

12. Meketeng ya bonaba letsa harepa le dikatara,ba tidinye meropa le makodilo,ba nwe veine;mosebetsi wa Morenawona ha ba o natse,tseo a di entseng tsonaha ba di bone.

13. Ka baka leo,tjhaba sa ka se tla thopuwahoba tjhaba senase hloka kutlwisiso;bahlomphehi ba sonaba tla bolawa ke tlala,bongata ba sonabo tla shwa ke lenyora.

14. Kahoo lebitla le ba lapetse,le se le ahlame, le ba emetse;kgabane tsa bona le matshweledi theohela teng,di theohela le menyakale marata a tsona.

15. Bohle ba tla nyenyefatswa,ba kokobetswe,baikakasi le bona ba kokobetswe.

16. Morena wa mabothoo tla ba phahamela kahlolong,Modimo ya halalelango tla iponahatsa,ka ho loka a iponahatse a halalela.

17. Dinku di tla fulaeka ke makgulong a tsona,dikonyana tsona di fulethakong tsa barui.