BIBELE

Esaya 49:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. “Lona dihlekehleke,mmameleng!Lona tjhaba tse hole,utlwang tsena!Morena o mpitsitseke sa le popelong,mohla ke tswalwanga mpitsa ka bitso la ka.

2. O entse molomo wa kaseka sabole e bohale,a mpata moriting wa atla sa hae;a nketsa motsu o leoditsweng,a mpata ka sehlajweng sa hae.

3. Yaba o re ho nna:<Wena Iseraele, o mohlanka wa ka,ke ka wena ke tlang ho tlotliswa.> ”

4. Yaba nna ke re:“Ke sebeleditse lelea,ka fufulellwa ntata selala.Empa se ntshwanelangse ka atleng sa Morena,moputso wa kao ho Modimo wa ka.”

5. Morena ya nkgethetsengho ba mohlanka wa hae,a nkgetha ke sa le popelong ya mme,hore ke kgutlisetse Jakobo ho yena,ke bokelle tjhaba sa hae sa Iseraele,hobane mahlong a hae ke a tlotleha,ke Modimo wa ka,ke yena matla a ka.

6. Jwale Morena o re:“Ke nthwana e fokolanghore o be mohlanka wa ka,o kgutlise merabe ya Jakobo,o kgutlise bana ba Iseraelebao ke ba babaletseng.Ke tla o etsa lesedi ho baditjhaba,o tlo fihlise ho pholosa ha kapheletsong tsa lefatshe.”

7. Morena, Molopolli wa Iseraele,yena Ya Halalelang,o bua tjena ho mohlanka wa babusi,ho ya ileng a nyediswa,a nyonywa ke ditjhaba:“Kgosi di tla o bona,di eme ka maoto,mahosana le wona a tla o obamela,ka baka la Morena,yena ya tshepahalang,Ya Halalelang wa Iseraele,ya o kgethileng.”