BIBELE

Esaya 48:12-22 BIBELE (SSO89SO)

12. “Mmamele, wena Jakobo,wena Iseraele eo ke o bitsitseng:E hlile ke nna;ke nna wa pele le wa ho qetela.

13. Tsoho la kake lona le theileng lefatshe,tsoho la ka le letonale adile mahodimo;ha ke a bitsa a emela hong kaofela.

14. “Kgobokanang kaofela, le mamele:Ke modingwana ofeo boletseng tsee e sa le pele?Ya ratwang ke Morenao tla phetha thato ya Morena,thato eo a e phethehodima Babilona,tsoho la haele lwantshe Bakalatiya.

15. Nna, e leng nna, ke se ke buile;e, ke se ke bile ke mmitsitse.Ke mo tlisitse,o tla atleha hohle moo a yang teng.

16. “Atamelang pela ka,le mamele hona:Ho tloha tshimolohongha ke qala ho bua,ha ke a ka ka buela sephiring;ha tseo di etsahetseke ne se ntse ke le teng.”Jwale Morena Modimo o nthomme,o nthomme ka Moya wa hae.

17. Morena, Molopolli wa hao,Ya Halalelang wa Iseraele,o bua tjena:“Ke nna Morena Modimo wa hao,ya o rutangtse leng molemo ho wena,ya o tsamaisangtseleng e o loketseng.

18. “Hoja o kila mamela ditaelo tsa ka,kgotso ya haoe ka be le jwaloka noka,ho loka ha haoho ka maqhubu a lewatle.

19. Tloholo tsa haodi ka be di le kaa ka lehlabathe,bana ba haoba le kaa ka tlhaku tsa lonadi se na palo;lebitso la bonale ne le ke ke la fela,leha e le ho hlakoha kapele ho nna.”

20. Tswang Babilona,le balehe Bakalatiya!Phatlalatsang tsenaka mehoo ya thabo,le di phatlalatseho ya pheletsong tsa lefatshe,le re: “Morena o lopolotse Jakobo,mohlanka wa hae.”

21. Ha ba a ka ba nyorwaha a ba tsamaisa hara lehwatata;o ila etsa hore metsi a phallea etswa lefikeng;a otla lefika, metsi a phorosela.

22. “Kgotso ha e yoho batho ba kgopo,”ho rialo Morena.