BIBELE

Esaya 46:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Bele o a ketoha,Nebo o kgatheng la ho wa,medingwana ya bonae bofilwe hodima dipelesa.Medingwana eo e bofilweng e boima,e imela dipelesa tse kgathetseng.

2. E kgatheng la ho wa,e ketoha hammoho,e sitwa ho ithola morwalo,medingwana eo le yonae ya bothopuweng.

3. “Mmamelenglona ba ntlo ya Jakobo,lona masalla wohlea ntlo ya Iseraele,lona bao ke le sikilengho tloha mohla le tswalwang,lona bao ke le pepilengho tloha mohla le tswalwang.

4. Ho fihlela boqhekung ba lonaha ke eso fetohe,ke tla nne ke le pepeho fihlela le eba bo-raputswe.Ke nna ya le bopileng,mme ke tla nne ke le sike,ke tla nne ke le pepe,ke le namolele.