BIBELE

Esaya 45:21-25 BIBELE (SSO89SO)

21. Atamelangle bolele taba tsa lona,tlisang medimo ya lona e eletsane.Ke mang ya boletseng seee sa le kgale?Ke mang ya se phatlaladitsengmehleng e fetileng?Na e ne e se nna Morena?Ha ho modimo e mongkantle ho nna,Modimo ya lokileng le Mopholosi;ha ho e mong haese nna feela.

22. “Sokolohelang ho nna,le tle le pholohe,lona dipheletso tsohle tsa lefatshe;ke nna Modimo, ha ho na e mong.

23. Ke hlapantse ka nna,molomo wa ka o buile ka ho loka,lentswe la ka le ke ke la fetohelwa.Mangwele wohle a tla nkgumamela,maleme wohle le wonaa ikane ka nna.

24. “Batho bohle ba tla bua ka nna,ba re:<Ho loka le matladi ho Morena a inotshi.>Bohle ba ileng ba mo halefela,ba tla tla ho yena,ba hlabiswe dihlong.

25. Empa ho Morenaditloholo tsohle tsa Iseraeledi tla fumanwa di lokile,mme di nyakalle.”