BIBELE

Esaya 45:17-25 BIBELE (SSO89SO)

17. Empa Iseraeleo tla pholoswa ke Morena,a mo pholoseka pholoho ya mehla yohle,le ka mohlaa ke ke a hlajwa ke dihlong,kapa a tlontloloha kamehla yohle.

18. Morena, Mmopi wa mahodimo,yena Modimo ya bopileng lefatshe,a le etsa,yena ya ileng a le tsitsisa,yena ya sa kanga le bopela lefeela,ya le bopetsenghore ho phelwe ho lona,o bua tjena:“Ke nna Morena, ha ho na e mong.

19. Ha ke a bua sephiring,kgotjheletsaneng tse lefifi,ha ke a ka ka reho ditloholo tsa Jakobo:<Mpatleleng lelea.>Nna Morena, ke bua ho lokileng,nna ke bolela tse nepahetseng.”

20. “Kgobokanang, le tle,le atameleng mmoho,lona ba phonyohileng ho baditjhaba,dithoto ting! le tsamayang le jere,le jere medimo ya bohata, ya lehong,lona ba rapelang medimoe ke keng ya le pholosa.

21. Atamelangle bolele taba tsa lona,tlisang medimo ya lona e eletsane.Ke mang ya boletseng seee sa le kgale?Ke mang ya se phatlaladitsengmehleng e fetileng?Na e ne e se nna Morena?Ha ho modimo e mongkantle ho nna,Modimo ya lokileng le Mopholosi;ha ho e mong haese nna feela.

22. “Sokolohelang ho nna,le tle le pholohe,lona dipheletso tsohle tsa lefatshe;ke nna Modimo, ha ho na e mong.

23. Ke hlapantse ka nna,molomo wa ka o buile ka ho loka,lentswe la ka le ke ke la fetohelwa.Mangwele wohle a tla nkgumamela,maleme wohle le wonaa ikane ka nna.

24. “Batho bohle ba tla bua ka nna,ba re:<Ho loka le matladi ho Morena a inotshi.>Bohle ba ileng ba mo halefela,ba tla tla ho yena,ba hlabiswe dihlong.

25. Empa ho Morenaditloholo tsohle tsa Iseraeledi tla fumanwa di lokile,mme di nyakalle.”