BIBELE

Esaya 45:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. “Morena o bua tjenaho motlotsuwa wa hae,e leng Siruse eo ke utlilengtsoho la hae le letona,hore a kokobetsetjhaba tse kapele ho yena.Nna ke tla amoha dikgosimatla a ho lwana,ke bule mamati a kapele ho yena,menyako ya wonae se hlole e kwalwa.

2. Ke tla o etella pele,ke batalatse dithaba,menyako ya lethose ke e thuake,mekwallo ya tshepe ke e robake.

3. Ke tla o nea matlotloa patilweng hara mafifi,maruo a patilwengdikgotjheletsaneng,o tle o tsebe hore ke nna Morena,Modimo wa Iseraele,ya o bitsang ka lebitso.

4. Ka baka la Jakobo,mohlanka wa ka,ka baka la Iseraele,mokgethwa wa ka,ke o bitsitse ka lebitso la hao,ka o rea bitso le hlomphehangleha o sa ka ntseba.

5. “Ke nna Morena, ha ho na e mong,kantle ho nna ha ho na Modimo.Ke tla o matlafatsa,le hoja o sa ntsebe,

6. e le hore ho tloha botjhabelaho ya bophirimelatjhaba di tsebehore ha ho e mong kantle ho nna.Ke nna Morena, ha ho na e mong.

7. Ke etsa lesedi, ke etsa lefifi,ke a pholosa ke be ke timetse,nna Morena,tsena tsohle ke a di etsa.